Buka ena e re sephiri se seholo ka ho fetisisa ke karolo ya Genese, moo Modimo a bitswang e le “rona.”
Ha Modimo Ntate a ne a bopa motho, ha A ka be A re, “A ke etse motho . . . ,” empa O itse, “A re etseng motho . . .” (Genese 1:26)
Modimo o mong, Ntate! Jwale he, na kehobaneng ha Modimo a hlalositswe e le “rona” ka Bibeleng?
“Tshimolohong, Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe.” Genese 1:1
Ho Torah, mongolo wa mantlha wa Bibele, e ngotswe e le Elohim[אלוהים] ho bolelang “Medimo.”
Elohim e hlalosa “Medimo” e le bongateng ba “El” kapa “Eloah” ho bontshang Modimo bonngweng.
Ka Bibeleng, Modimo o hatisitswe e le Medimo [Elohim] ho feta makgetlo a 2,500.
Sena se bontsha hore ho tlameha ho be le Modimo o mong, eseng “Modimo Ntate” feela. E motona le e motshehadi ba bopilwe ka setshwano sa Modimo.
“Modimo [Elohim] o bopile motho ka setshwano sa hae, a mmopa ka setshwano sa Modimo [Elohim]; a bopa e motona le e motshehadi.” Genese 1:27
Monna o bopilwe ka setshwano sa “Modimo Ntate”. Mosadi o bopilwe ka setshwano sa “Modimo Mme.” “Elohim” Mmopi ke Modimo Ntate le “Modimo Mme.”
Mme ho porofetilwe hore Modimo o iponahatsa matsatsing a ho qetela. (1 Timothea 6:15)
Mehleng ya Mora, Modimo O iponahaditse e le Jesu.
Mehleng ena, Elohim, Modimo Ntate le “Modimo Mme,” ba tla tla ka nama ho tla pholosa batho.
The Setjhaba sa Tsamaiso ya Evengeli Lefatsheng ka Bophara Kereke ya Modimo e dumela ho Kreste Ahnsahnghong le ho Modimo Mme e le Moya le Monyaduwa-Bapholosi Mehleng ya Moya o Halalelang.
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy