Kaha Modimo o bona dipelo le dikelello tsa batho, ha ho letho le ka patehang ho Yena. Tsohle tseo motho a di etsang bophelong di tla senolwa kapele ho setulo sa kahlolo sa Modimo, mme e mong le e mong o tla ahlolwa ho ya ka mesebetsi ya hae. Kahoo, Bibele e re, “le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.”
Ho ya ka dithuto tsa Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme, ya itseng, “Leha e le eng eo le e etseditseng e mong wa ba banyenyane bana, le e etseditse Nna,” ditho tsa Kereke ya Modimo di a sebeletsana mme di bontsha lerato ka boikokobetso. Ho feta moo, ba nka timetso e bakilweng ke ho korotla le ho belaela ha Baiseraele le boitshwaro bo bobe ba Hofni le Finease, bara ba moprista, e le thuto, mme kamehla ba lwanela ho phela bophelo bo halalelang ba tumelo.
hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.” Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng. 1 PETROSE 1:16–17
Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho. Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe. MORUTI 12:13–14
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy