E le hore re tsebe hore na diketso tsa rona di nepahetse kapa di fosahetse, re lokela ho tla ho Modimo, eo e leng lesedi la nnete. Kajeno, lefatsheng le lefifi moo batho ba ke keng ba lemoha thato ya Modimo, Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme ba khantsitse lesedi la nnete ya bophelo ka Sabatha le Paseka.
Modimo o tlile lefatsheng lena e le lesedi, a hlola moya wa lefatshe wa lefifi, a re ruta ka dintho tsa lehodimo, a tlisa tshepo lefatsheng, mme a khantsha lesedi. Ka ho tshwana, bana ba Modimo le bona ba tlameha ho khantsha lesedi la evangeli lefatsheng e le hore bohle ba ka tseba Modimo.
[E] leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re , ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo. . . . Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste. 2 Bakorinthe 4:4–6
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy