Lebaka leo ka lona bahalaledi ba Kereke ya pele ba ne ba na le tumelo e kgolo ho sa tsotellehe mahloriso le mathata a mangata e ne e le hobane ba ile ba elellwa lerato le leholo la Kreste ka sehlabelo sa Hae sefapanong le selekane se setjha mme ba rera evangeli, ba dula ba na le tshepo ya mmuso wa mahodimo pelong tsa bona.
Mang kapa mang ya phethahatsang evangeli bakeng sa ho ikgotsofatsa o kgathala habonolo mme a tele kapele, empa ha re etsa mosebetsi wa evangeli, re elellwa ka botlalo hore Ntate Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme ba jara dibe tsa rona kaofela, re tlala thabo le tshepo, jwalokaha Moapostola Paulosi a entse.
Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Johanne 3:16
Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?.
leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona.
Baroma 8:35–39
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy