Satane o ile a thetsa batho ba Modimo ho ba leleka lehodimong ho ba tlisa lefatsheng lena mme o tswela pele ho ba thetsa e le hore ba se ke ba hlola ba kgutlela 'Musong wa Mahodimo.
Ka lebaka lena, o ile a felisa Sabatha le Paseka ho thibela batho ba Modimo ho mo rapela, mme a kenya meetlo ya modimo wa letsatsi e kang thapelo ya Sontaga le Keresemese tempeleng ya Modimo.
Elija o ile a hlola baporofeta ba bohata ba [850: Makgolo a robedi Le mashome a metso e mehlano] ka borapedi bo neng bo nyehelwa ho Modimo, mme Jesu o ile a hlola Satane ka mantswe a reng, “O rapele Morena Modimo wa hao, mme o mo sebeletse yena feela.” Mehleng ya Moya o Halalelang, Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme ba re rutile hore ka ho latela selekane se secha, re ka sebeletsa Modimo a le mong ho fumana tshwarelo ya dibe le ho kgutlela 'Musong wa Mahodimo.
Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Le se ke la lekisa se etswang naheng ya Egepeta, moo le kileng la aha teng, leha e le se etswang naheng ya Kanana eo ke ya le kenya ho yona, mme le se ke la latela mekgwa ya bona. Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. . . . motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova. Levitike 18:3–5
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy